MATSHWAO: 70
Memorandamo ona o na le maqephe a 7.
PAMPIRI YA 1 (P1)
MEMORANDAMO
KEREITE YA 12
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
TEMA YA 1
A seng makae/a mmalwa. 
Papiso/tshwantshwanyo 
Ke ho batla hore a amohelehe ho ba bang 
O itshenyetsa nako/Ha ba no o hlompha le kgale. ( e le nngwe feela) 
Ka nako e ngata ba ikgethollotse. 
Hobane metswalle eo e se ya nnete. 
Ba tla o sebedisa hampe/Ba tla o sebedisa molemong wa bona. vv(E le nngwe feela)
Ho etsa hore batswadi ba bona, ba hloye batjha ba bang hobane ba re ke bona ba ba rutang tse tswileng tseleng. 
Jara boikarabelo ba diketso tsa hao. 
Ka nako tsohle motjha o na le boikgethelo, ha a hatellwe/qobellwe ho etsa se itseng. 
TEMA YA 2
Batho bohle ba batlang ho hlokomela difahleho tsa bona
Se lokela batho ba matlalo a mafura hobane ho thwe mafura a ka monyeha letlalong ka botlalo.
Ke mohopolo feela lebaka ke ho hohela bareki.
kapa
Ha ho na bonnete kapa bopaki ba hore matlalo ohle a kgonwa ke Johnson's.
Motswako wa lero la morara le monyang mafura ka ho panya ha leihlo hobane le tlosa mafura a sa batleheng sefahlehong.
kapa
Ho thwe e ka etsa hore botho ba motho bo kganye hore sefahleho se se benye.
kapa
kapa
Matlalo ohle a rata Johnson's le yona e a a rata, hobane e kgothalletswa mang le mang.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Kgato
Matshwao
E babatsehang
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana feela
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Feme e itseng e qobella basebetsi ho etsa diteko tsa HIV. 
Ba bang ba basebetsi ha ba batle ho qobellwa ho etsa diteko ka ha ke dilemo ba sebetsa moo. 
Ramosebetsi o tshosa basebetsi ka hore ya sa etseng diteko o tla lahlehelwa ke mosebetsi. 
Mokgatlo wa basebetsi o kgahlano le ho qobellwa ha basebetsi ho etsa diteko. 
Mokgatlo o tshosa ramosebetsi ka ho mo isa lekgotleng la dinyewe. 
Ho qobellwa ho etsa diteko tsa HIV ha ho molaotheong wa naha. 
Ramosebetsi o leleka baqolotsi ba ditaba mme o tshepisa ho ba bitsetsa sepolesa ha ba sa tswe ka femeng ya hae. 
Palo ya mantswe=70
Kabo ya matshwao: 1. Matshwao a dintlha tse supileng
Tshebediso ya puo
Kgutsufatso e telele, e fetang ka mantswe a 5, se tswele pele ho e tshwaya;
Kgutsufatso e kgutshwane empa e fupere dintlha tse hlokehang e tshwauwe, mme mohlahlobuwa a se nehwe kotlo;
Tshebediso ya puo e nang le diphoso (tshebediso e fosahetseng ya puo, ya mopeleto le ya matshwao puo) ho fokotswe matshwao ka tsela ena:
diphoso tse 0-4
ho se nkuwe matshwao diphoso tse 5-10
ho fokotswe letshwao le 1.
diphoso tse 11-15
ho fokotswe matshwao a 2
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3.
Bakeng sa ho qotsa le ho sebedisa dipolelo tse feletseng jwalo kaha di le jwalo ho tswa temeng, mohlahlobuwa a fokoletswe matswaong ohle a a fumaneng ka tsela ena:
dipolelo tse 0-3
ho se nkuwe matshwao dipolelo tse 4-5
ho fokotswe letshwao le 1
dipolelo tse 6-7
ho fokotswe matshwao a 2.
Ho fokotswe letshwao le 1 matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
lelapa v
Bana ba lelapa le le leng ba lokela ho thusana 
Ho na le bosara bo boholo kerekeng ya Roma.
mohlankanyana v
Mohlankanyana enwa ya nyetseng moradi wa Thulo o a tella. 
morwetsanyana v
Ngwanenwa wa ka e se e le morwetsanyana. 
Malapeng a bo bona ba ne ba ka susumetswa ho ya kerekeng.
mokgwenyana
Mokgwenyana bohweng ke sebabatso mohwe
Mokgwenyana wa Mofokeng o sa tswa boloka mohwe wa hae. 
Kereke e ne e ka ratwa ke batjha haholo. 
Dibaesekele di ne di sebediswa ke dithena. 
pote!
Tweba e ile ya re pote ka lebota! 
phamo!
O ile a re phamo mokotlana wa mme a ba a potela ka lebota.
Lefetwa.
phutheho.
mohatsela 
thaba
Ditho tsohle tsa lelapa, ntle le mohwehadi ha di thabiswe ke dikamano tsa Makgokolotso le aubuti Seporo.. 
Mohlankana ya neng a tlile ka baesekele, ban e ba hlile ba rata ho kgahlisa banana le bohle ba tlileng kerekeng, o ne a tla e kgella moshanyana kapa ngwananyana wabo kgarebe 
Bahlankana le barwetsana ban e ba dula ba hlwekile ka matsatsi ohle a beke.
Ka mehla phutheho yohle e ne e fihla kerekeng ka nako.
Lebaka ke ho hohela bareki kapa
Ho tsebisa bareki ka sehlahiswa seo.
Mothofatso.
Bonolo v le boheha kapa le rateha. 
Le bolela hore motho a ke a leke ho itlotsa kapa ho sebedisa sehlahiswa seo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
